BOIPILETSO BA HO THONGWA HA BONKGETHENG BATLA KENA BOTONG YA LAEBORARI YA NAHA YA DIFOFU YA AFRIKA BORWA (BLINDLIB), GRAHAMSTOWN
ho fihlela ka 2010
Ditho tsa mokga wa ditshebeletso tsa laeborari le tlhahisoleseding, difofu, batho ba nang le bothata ba ho bona le bao ba sa kgoneng ho bala ho ngotsweng, ekasitana le setjhaba ka kakaretso, mona ba mengwa ho thonya bonkgetheng ba tshwanelehang ba tla kgethwa ho kena botong ya Laeborari ya Difofu ya Afrika Borwa (Blindlib), Grahamstown. Lekgotla le tla ba le bonyane ditho tse supileng, tse tla kgethwa ke Letona la Bonono le Setso bakeng sa nako wa ho tloha ka la 1 Mphalane 2007 ho ya ho la 1 Loetse 2010. Boto e tla botjwa hape botjha ka mora dilemo tse tharo. Boto e kopana ka makgetlo a 4 ka selemo mane Grahamstown, Kapa Botjhabela. Ditlhapiso bakeng sa ditho tsa Boto e tla feela tsa tefelo ya ditshenyehelo tsa marobalo le maeto ha ba tla dikopanong.
Msebetsi e meholo ya Boto e tla ba ho hlahisa maano, kananelo ya bajete le ditatamente tsa ditjhelete, ho hira moifo, le ho eletsa Letona ka ditaba tse mabapi le Blindlib ho ya ka Molao wa Laeborari ya Difofu ya Afrika Borwa, 1998 (Molao wa 91 wa 1998).
Batho ba thontsweng ba lokela ho emela bathahaselli ba nang le bokgoni bo hlokehang ba ho thusa Blindlib hore e fihlele dipheo tsa yona. Batho ba thongwang ba lokela ho ba le tsebo ya ditshebeletso tsa laeborari le tlhahisoleseding, botsebi ho tsa merero e amang babadi ba difofu le bao ba sa kgoneng ho bala, botsebi ba tlhahiso ya mongolo wa difofu e leng Braille ekasitana le disebediswa tse mamelwang tsa difofu le ba nang le bofokodi ba ho bona, botsebi ba tsamaiso, ditjhelete le ditaba tse amanang le basebetsi, le botsebi ba papatso, lehokela le ho bokella matlotlo.
Motho ofe kapa ofe ya ratang ho thonya motho ya tla kena Botong ya Blindlib o tshwanetse ho romela tlhahisoleseding e latelang Lefapheng la Bonono le Setso (dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona di mona ka tlase):
Lengolo le nang le (a) mabitso ka botlalo le dintlha tsa moo ho ka iteangwang le motho ya thontseng (b) mabaka a ho thonya, le (c) mabitso le dintlha tsa moo ho ka iteangwang le ba bararo ba ka pakang ka motho ya thontsweng.
Kamohelo e ngotsweng fatshe ya motho ya thontsweng e le ya ho thongwa ha hae foromong ya ho thonya (e ya fumaneha ha o e kopa)
Tsa bophelo ba motho ya thontsweng (CV) ka kgutshwane, mme mona ho hlaloswa ho tshwaneleha ha hae hore a ka kgethwa. CV e lokela ho fana ka dintlha tse ka tlasa dihlooho tse latelang-
a Thaetlele le mabitso ka botlalo b Nomoro ya Tokomane ya Boitsebiso ID
c Boahi ba naha d Dintlha ka botlalo tsa moo ho iteangwang le yena e Maemo a ha jwale a mosebetsi le lebitso la ramosebetsi f Mangolo a thuto g Boiphihlelo bo tshwanetseng h Makala a botsebi i Botho ba mekgatlo j Tshebeletso ya ha jwale le nako e fetileng Botong/Dibotong k Bong l Borabe
Letsatsi la ho qetela la ho romelwa ha mabitso a thontsweng ke la 31 Motsheanong 2007. Mabitso a thontsweng le dipotso di lokelwa ho romelwa ho-
Mohala: 323-5300 X3227 / 079 510 7235
Fekese: 323-5287
